Molaodi wa Lekgotla le Phahameng o tlameha ho hlokomela tsamaiso ya kabo ya mafa kaofela a bafu ho tloha ka la 15 Oct 2004.
Mmastrata o lahlehelwa ke matla a hae a ho hlokomela tsamaiso ya kabo ya mafa a bafu.
Mafa ohle a lokela ho tsamaiswa ho latela Molao wa 66 wa 1965 wa Tsamaiso ya kabo ya Mafa.
Karolo ya 23 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba batsho le Molawana wa R200 di phatlaladitswe di sa kgeme le molao wa motheo ebile di sa hlole di sebetsa.
Mafa a bafu ba shwang ba sa siya taelo ya kabo ya mafa a bona a lokela ho ajwa ho latela Molao wa 81 wa 1987 wa Tlhahlamano ya Kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ka kabo.
Molao wa Tlhahlamano ya Kabo ya mafa moo ho hlokehang taelo ya mofu ka mafa jwale o etsa le monyetla wa maemo a moo mofu a neng a nyetswe ho latela molao wa lenyalo la setso.
Selelekela
Qeto ya Lekgola la Molao wa Motheo ya Bhe le Ba bang thulanong le Mmasetrata wa Khayelitsha le Ba Bang Nyeweng ya Nomoro ya 49/03 e ileng ya dihuwa ka la 15 Mphalane ka 2004 e ile ya phatlalatsa karolo ya 23 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba batsho le Molawana wa 200 wa melawana e e phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso ya 10601 ya mohla la 06 Hlakola 1987 e sa kgeme le molao wa motheo. Ho ikamahanya le moya wa qeto ya Bhe, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo le lokela ho phethisa mokgwa o kopantsweng wa tlhokomelo ya tsamaiso ya kabo ya mafa a bafu o tla fana ka tshebeletso e tshwanang le yena ya boleng ho Ma-Afrika Borwa kaofela, ntle le kgethollo ya botjhaba, bong, dilemo kapa tswalo.
Qeto ena e hloka hore ho etswe diphetoho tse latelang:
Mookamedi wa Lekgotla le Phahameng o lokela ho nka matla a tlhokomelo mabapi le kabo ya mafa a bafu kaofela.
Mafa ohle a lokela ho tsamaiswa ho latela Molao wa 66 wa 1965, jwalo ka ha o fetotswe wa Tsamaiso ya Mafa a bafu.
Mafa ohle a hlokang taelo ya mofu ya kabo ya mafa a hae a lokela ho tsamaiswa ho latela Molao wa 81 wa 1987, jwalo ka ha o fetotswe wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa o tlatseletswa ke qeto ya Bhe ho etsa monyetla maemong a moo mofu a neng a nyetswe ka lenyalo la setso.
Mmasetrata o lahlehelwa ke matla a hae a ho hlokomela tsamaiso ya mafa a mofu. Le ha ho le jwalo ba tla hlokwa hore ba phethele dinyewe tse ileng tsa tlalehwa ho bona mohla la 15 Mphalane 2004 kapa pele ho moo. Le ha ho le jwalo, ba lokela ho phethela kabo tsa mafa ho latela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Boitshetleho: Histori e sa tswa etswa haufinyane ya tlhokomelo ya tsamaiso ya mafa a Batho ba batsho a hlokang taelo ya mofu ya kabo ya mafa
Histori e sa tswa etswa haufinyane ya tlhokomelo ya tsamaiso ya mafa a Batho ba batsho a hlokang taelo ya mofu ya kabo ya mafa e arotswe ka dinako tse tharo:
Pele ho qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo ho Moseneke le Ba Bang thulanong le Molaodi le Ba Bang ka 2001 sa 18 CC ( ?Qeto ya Moseneke?);
Nako e dipakeng tsa qeto eo le qeto ya Lekgotla la Molao wa Motheo ho Bhe le Ba Bang thulanong le Mmasetrata wa Khayelitsha le Ba Bang Nyeweng ya Nomoro ya CCT 49/03 ya la 15 Mphalane 2004 (?Qeto ya Bhe?); le
Nako ya ka morao ho qeto ya Bhe.
Karolong ya pele ya pele ho la 6 Tshitwe 2002, letsatsing leo ka lona qeto ya Moseneke e neng e kena tshebetsong, boikarabelo ba tlhokomelo ya tsamaiso ya mafa a bafu bo ne bo arotswe ho latela botjhaba. Molaodi wa Lekgotla le Phahameng o ile a hlokomela hore tsamaiso tsamaiso ya mafa a Makgowa, Makhalatha, Ma-India le a Batho ba batsho a nang le taelo ya mofu ya kabo ya mafa. Matla a Molaodi a ne a hlalositswe (mme a ntse a hlalositswe) Molaong wa 66 wa 1965 jwalo ka ha o fetotswe wa Tsamaiso ya Mafa.
Mmasetrata, eo mofu a neng a dula sebakeng sa hae, o ne a loketse ho hlokomela tsamaiso ya mafa a motho e Motsho ya hlokahetseng ntle le ho siya taelo ya kabo ya mafa a hae. Mmasetrata o ne a fumana matla karolong ya 23 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, le melawaneng e phatlaladitsweng Tsebisong ya Mmuso ya R200 ya Koranta ya Mmuso ya 10601 ya mohla la 6 Hlakola 1987.
Mafa a motho e Motsho lefung la hae a ne a ka ajwa ho latela Molao wa 81 wa 1987 wa Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa. Ntho ena e etsahetse makgetlong a mabedi. Kgetlong la pele ke moo mofu bophelong ba hae a ileng a kgetha hore se phele ho latela molao wa setso. Ho latela Tsebiso ya Mmuso ya R200 maikemisetso ana a bontshitswe ka ditsela tse pedi: moo mofu a ileng a etsa kopo ya setifikeiti se mo tsholang phethahatsong ya Khoutu ya Molao wa Sezulu karolong ya 31 ya Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, hape le nakong eo a neng a kgetha ho nyala ho latela molao wa lenyalo la sekgowa mme a sa kene lenyalong la setso. Ntlheng ya bobedi, mafa a mofu a ne a ka ajwa ho latela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa ha Letona la Toka le ne le na le maikutlo a hore ke taba e hlokang toka ketsahalong ena e ikgethang ho aba mafa ho latela molao wa setso. Mahlakore a batho ba nang le thahasello tabeng ena a ile a lokela ho atamela Letona la Toka ho fana ka kahlolo boemong bona ba ditaba.
Nakong ya bobedi e dipakeng tsa la 6 Tshitwe 2002 le la 15 Mphalane 2004, Molao wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe o ne a na le matla a ho hlokomela tsamaiso ya mafa ohle ho latla molao wa sekgowa mme Mmaseterata o ne a na le matla a ho tsamaisa kabo ya mafa ho latela molao wa setso.
Molaodi o ne a sebedisa matla a hae ho latela Molao wa Tsamaiso ya Mafa a mofu, mme Mmasetrata o ne a sebedisa matla a hae ho latela Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho le melawana e phatlaladitsweng ho latela Molao.
Nakong ya boraro ka morao ho la 15 Mphalane 2004, Molaodi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe o tla hlokomela tsamaiso ya mafa ohle a mofu ho latela Molao wa Tsamaiso ya Mafa. Mafa ohle a hlokang taelo ya mofu ya kabo a ona a tla tsamaiswa ho latela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa mme ho tla etswa diphetoho tse loketseng ho etsa monyetla wa manyalo a molao wa setso.
Ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore diphetoho tse tlisitsweng ke qeto ya Bhe di entswe hore di sebetse ho tloha ka la 27 Mmesa 1994 mabapi le kabo ya mafa a esong ho phethelwe.
Katleho ya mokgwa o motjha e tla netefatsa hore Ma-Afrika Borwa kaofela a fuwa tshwaro e lekanang, le hore seriti sa motho e mong le e mong se a hlomphuwa.
Boemo ba hona jwale ba molao
Boemong ba ditaba moo mofu a ileng a hlokahala pele ho la 27 Mmesa 1994.
Ka mabaka a tshebetso ya kabo ya mafa moo e leng bafu ba ileng ba hlokahala pele ho la 27 Mmesa 1994, moo taba ena e neng e sa tlalehwa pele, yona e lokela ho fetisetswa ho Molaodi.
Boemong ba ditaba moo mofu a ileng a hlokahala ka morao ho la 27
Molaodi (Ofisi tsa Molaodi le Ditsha tsa Tshebeletso tsa Molaodi) o lokela ho hlokomela kabo ya mafa kaofela a bafu moo mofu a hlokahetseng ka morao ho la 27
Mmesa 1994. Mafa a tla tsamaiswa le ho hlokomelwa ho latela Molao wa Tsamaiso ya Mafa.
Ha mofu a hlokahala ntle le taelo ya kabo ya mafa a hae, mafa a lokela ho ajwa ho laela Molao wa Tlhahlamano ya moo ho hlokehang taelo ya mofu ya kabo ya mafa.
Mafa a esong ho phethelwe a tla tsamaiswa ke Mmasetrata
Ditaba tsena di tla dula ho Mmasetrata hore di phethelwe ho latela qeto ya Bhe.
Maemo a taolo a Diofisi tsa Molaodi le Ditsha tsa Tshebeletso
Ofisi ya Molaodi e na le taolo maemong a latelang:
Mofu o siile a ngotse taelo e phethahetseng ya kabo ya mafa a hae
Boleng ba mafa (kapa kakanyo e phethahetseng ya boleng) bo feta R50 000.
Mafa ha a na boleng ba tjhelete (melato e mengata ho feta)
Mojalefa kapa bajalefa ba ka tlase ho dilemo, mme ha ba fumane thuso ya mohlokomedi wa molao.
Mojalefa kapa bajalefa ba ka tlase ho dilemo, mme mafa ke tjhelete kapa karolo ya ona ke tjhelete e fetang R20 000.
Haeba maemo a mang ho ana a boletsweng ka hodimo a hlahela, mafa a mofu a lokela ho fetisetswa Ofising ya Molaodi eo Setsha sa Tshebeletso se welang ho yena.
Setsha sa Tshebeletso se tla etsa ditlhophiseletso maemong a latelang:
Mofu ha a na taelo e phethahetseng ya ka moo mafa a lokelang ho ajwa ka teng;
Boleng ba mafa (kakanyo e phethahetseng ya mafa) ha e fete R50 000;
Mafa a na le boleng ba tjhelete (tjhelete e ngata ho feta melato)
Bajalefa kaofela ke batho ba dilemong kapa e mong wa bona ke motho ya ka tlase ho dilemo ya thuswang ke mohlokomedi wa hae wa molao mme boelng ba tjhelete mafeng ana bo etsa R20 000 kapa bo ka tlase ho moo.
Karohanyo ya boikarabelo ba Ofisi tsa Molaodi le Ditsha tsa Tshebeletso
Setsha sa Tshebeletso se tla ba le taolo mafeng a motho ya hlokahetseng, eo nakong ya lefu la hae, a neng a dula sebakeng se tlasa taolo ya Ofisi ya Mmasetrata moo Setsha sa Tshebeletso se hlonngweng teng.
Moo Setsha sa Tshebeletso se nang le taolo empa Molaodi a amohetse taba ena
Boemong bona Molaodi o na le boikarabelo bo latelang:
Ha kopo e phethahetse mme e kgona ho phethelwa ntle le ditlhoko dife kapa dife tse ding hore ho nehelanwe ka setifikeiti sa kgetho
Moo kopo e kekeng ya phethwa, hobane ho sa na le ditlhoko tse ding tse lokelang ho phethiswa, mme ho na le Setsha sa Tshebeletso se haufi le motho ya etsang kopo ho feta Ofisi ya Molaodi, Molaodi o lokela ho tsebisa motho ya enetseng kopa ntlha ena. Kgetho ya tshebediso ya Ofisi ya Molaodi bakeng sa tshebeletso e tla itshetleha ho motho ya entseng kopo ya nang le tsebo ya tsena.
Ha ho kgethwa Moemedi wa Molaodi ho latela karolo ya 18 , Molaodi o lokela ho tsebisa Setsha sa Tshebeletso se kgemang le taolo ka ntlha ena.
Moo mofu a siileng taelo ya kabo ya mafa a hae, empa Molaodi a sa amohela taelo eo, ho kgothaletswa hore Molaodi a nehelane ka setifikeiti sa kgetho, mme a se romele taba ena Setsheng sa Tshebeletso.
Moo Molaodi a nang le taolo empa Setsha sa Tshebeletso se amohetse taba ena
Ha ho moo Ditsha tsa Tshebeletso ho latela mafelo afe kapa afe di dumeletseng ho tshela meedi ya taolo. Ha Setsha sa Tshebeletso se amohela taba e welang kantle ho taolo ya yona ho etsa kgetho, ho tshwanetse hore ho etswe tse latelang:
Taba ena e lokela ho romelwa ka potlako Ofising ya Molaodi ya nang le taolo ya sebaka seo.
Tsebisa motho ya tlalehileng taba ena hore o fetisitse
Bopaki ba boteng ba lenyalo la setso.
Ha molekane a re ke molekane lenyalong la setso, ho tshwanetse hore ho nehelanwe ka bopaki ba sebopeho sa setifikeiti sa ngodiso. [Tadima karolo ya 4 (b) ya Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, jwalo ka ha e fetotswe] Ha ho sa kgonehe hore ho nehelanwe ka setifikeiti sa ngodiso, molekane o tla lokela hore a eletswe hore a lebe lekgotleng la loketseng bakeng sa tharollo [bona karolo ya 4 ya Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, jwalo ka ha o fetotswe].
Haeba molekane ya phelang ya neng a nyalane le mofu ka lenyalo la setso a sa kone ho fana ka bopaki ba ngodiso ya lenyalo la setso hobane lenyalo le ne le eso ngodiswe, jwale o tla lokela ho ngodisa lenyalo Lefapheng la Ditaba tsa Lehae, ho latela Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, jwalo ka ha o fetotswe.
Lesedi le latelang le hlokeha ngodisong ya lenyalo la setso.
a Tumellano ya lelapa ya tefo ya bohadi, e nang le letsatsi la lenyalo, tjhelete ya bohadi le lesedi lefe kapa lefe leo ho dumellanweng ka lona, e saennweng ke mahlakore ohle a amehang.
b Haeba tumellano le lenyalo di etseditswe sebakeng seo eseng sa ditoropo, bopaki bo ngotsweng bo tswang ho Morena wa Morabe kapa Morena e moholo wa sebaka seo moo ba hlalosang hore lenyalo le ile la ba teng sebakeng seo.
c Setifikeiti sa lefu, kapa khopi e tiisitsweng ya setifikeiti seo, sa molekane ya hlokahetseng eo mafa a hae a tlalehwang.
d Moemedi a le mong ka lehlakoreng ka leng la lelapa la monyadi le la monyaduwa ba lokela ho felehetsa molekane ya setseng ho lefa Ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Mahlakore kaofela a lokela ho hlahisa ditokomane tsa bona tsa boitsebiso nakong ya tshebetso ya ngodiso.
e Ho hlokeha tefello ya R10.00 mabapi le ho etsa kopo ya ngodiso ya lenyalo la setso.
Kamano dipakeng tsa lenyalo la setso le la sekgowa le tshusumetso ya manyalo ana tabeng ya kabo ya mafa
Tlwaelo ya ho tswaka mekete ya lenyalo la setso le la sekgowa e tlwaelehile Afrika Borwa, mme ho na le mefutafuta e mengata. Balekane ba ka nna ba keteka lenyalo la setso mme letsatsing lona leo kapa ha moraonyana ho moo, ba etsa hore ba lebe ofising ya manyalo a sekgowa ho matlafatsa lenyalo lena teng. Mekgwa ya moetlo e ka nna ya tjhetjhiswa, ha ho lenyalo la sekgowa le latelwa ke lenyalo la setso. Manyalo ana ka bobedi a kenetsweng ke balekane bona bana pele ho Molao wa 120 wa 1998 wa Kananelo ya Manyalo a Setso, a ile a tlisa mathata a itseng a molao, hobane lenyalo la setso le ne le sa ananelwe mme ho ne ho dumellwa feela lenyalo la sekgowa hore e be lona le hlahelang.
Moo molekane, le ha ho le jwalo (ka tlwaelo wa monna) a ileng a nyala motho e mong ka ditokelo tse fapaneng, boemo ba ditaba bo ne bo le thata haholo. Mosebetsi wa mohlakafollela, mohlala o ne a ka nyala mosadi e mong mahaeng ho latela molao wa setso, mme metseng ya ditoropo a boele a nyale e mong ka lenyalo la sekgowa. Monna enwa ya neng a nahana ka tokelo tsa setso tsa nyala basadi ba bangata, o ne a sa lemohe tshusumetso ya diketso tsa hae molaong, kapa monna ya neng a nahana ka tsela e nngwe, mohlomong o ne a etsa ka boomo hore basadi ba seke ba tseba se etsahalang.
Hobane Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso ha e sebetse ho tloha morao, manyalo a ileng a ba teng pele ho Molao ona a ntse a laolwa ho latela melawana e neng e sebediswa pele ho molao ona o motjha o kena tshebetsong ka la 15 Pudungwane 2000. Melawana ena e ka arolwa ka dihlopha tse nne .
Lenyalo la sekgowa la molekane ya neng a le lenyalong la setso le motho e mong wa boraro: Boemo bona ke ba pele ho la 2 Tshitwe 1988 ? Dibakeng tsa kantle ho Transkei
Ke manyalo a sekgowa feela a neng a nkuwa e le manyalo a sebele, ka hoo moo monna ya keneng lenyalong la setso a neng a nyala motho e mong kapa a nyala e mong wa basadi ba hae ba fetang bonngwe ka lenyalo la sekgowa, lenyalo lena la sekgowa le ne le phahamela le setso le ho ikgetholla ho lona kapa ho ona. Sephetho sena se ile sa baka mathata a maholo mosading ya tehetsweng ka thoko wa lenyalo la setso ha mmoho le bana.
Karolo ya 22 ya Molao wa 38 wa 1927 wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, le ha ho le jwalo e ne e etsa monyetla wa tshireletso ho lelapa lena le tehetsweng ka thoko ha monna a hlokahala. Ka mabaka a tlhahlamano kabong ya mafa, boemo ba mohlolohadi le bana ba lenyalong la sekgowa ba ne ba nkuwa ba lekana le bana le mohlolohadi ba lenyalong la setso. Ka mantswe a mang boemo bo ka hodimo bo neng bo fuwa mosadi wa lenyalo la sekgowa ha mmoho le bana bo ile ba lahela mme ba ne ba nkuwa ba lekana le ba mosadi ya tehetsweng ka thoko (kapa basadi) le bana ba bona.
Haeba Molaodi wa Ofisi kapa Setsha sa Tshebeletso se thulana le boemo bo tshwanang le bona ho hlalositsweng ka hodimo ka morao ho qeto ya Bhe, ho tshwanela hore ho lemohuwe taba ya mosadi ya tehetsweng ka thoko le mosadi wa lenyalo la sekgowa ba tla nkuwa e le balekane ba mofu molemong wa tlhahlamano ya mafa a hlokang taelo ya mofu ya kabo a ona.
Lenyalo la sekgowa la molekane ya neng a le lenyalong la setso le motho e mong wa boraro: Boemo bona ke ba ka morao ho la 2 Tshitwe 1988 ho fihlella ka la 15 November 2000 ? Dibakeng tsa kantle ho Transkei
Ka 1988 Molao o Fetotsweng wa 3 wa 1988 wa Lenyalo le Thepa ya Lenyalo, o qadileng ho sebetsa ka la 2 Tshitwe 1988 o ne o entse monyetla wa hore, le ha balekane lenyalong la setso ba ne ba kgona ho nyalana hape ka lenyalo la sekgowa, molekane lenyalong lena a ke ke a nyalana le motho e mong wa boraro ka lenyalo lena la sekgowa nakong eo a leng lenyalong lena la setso. Ha molekane lenyalong la setso a batla ho kena lenyalong la sekgowa ntle le hore a qhale lenyalo la setso leo a leng ho lo na pele, lenyalo la sekgowa le ke ke la ba le matla. Ntlha ena e ile ya tiiswa ke Thembisile le Ba bang thulanong le Thembisile le Ba Bang ka 2oo2 SA 209 (T).
Ha kgorohelwa ka boemo bona bo bontshitsweng ka hodimo, Molaodi kapa Setsha sa Tshebeletso ba tla lokela ho fumana hore ke lenyalo lefe (la setso kapa la sekgowa) le neng le na le matla nakong eo mofu a hlokahalang ka yona. Haeba mofu o ile a kena lenyalong la setso (e le Lenyalo la hae la pele) le mosadi wa A mme ha morao a nyalana le mosadi wa B ka lenyalo la sekgowa, ntle le hore a qhale lenyalo la hae la setso pele, lenyalo lena la sekgowa le tla hloka matla mme lenyalo la setso e tla ba lona le nang le matla. Haeba lenyalo la setso le ile la qhalqa pele ho lenyalo la sekgowa, ke mona moo lenyalo la sekgowa e neng e tla ba lona le nang le matla feela.
Manyalo a mabedi ho la Transkei
Molao wa 21 wa 1978 wa Lenyalo Transkei ka 1978, o ne o dumella monna ya keneng lenyalong la sekgowa ho boela a phaella ka manyalo a setso a mang, ha feela lenyalo la sekgowa leo a leng ho lona e ne e le leo ho lona ho sa kopanelwang thepa. Feela ka tsela e jwalo, monna ya keneng lenyalong la setso, o ne a ka nna a nyala mosadi e mong ka lenyalo le sebetsang la sekgowa, ha feela lenyalo lena e le la moo ho sa kopanelwang thepa.
Ka hoo, ha Molaodi kapa Setshwa sa Tshebeletso ba atamelwa ka taba ena ya manyalo a mabedi a ileng a ba teng ho latela Molao wa Transkei wa Lenyalo, se teng ke hore balekane bana ka bobedi ba lenyalo la sekgowa le lenyalo la setso ba nkuwa e le balekane ba nnete tabeng ya tlhahlamano ya kabo ya mafa moo mofu a sa siyang taelo e mabapi le mafa a hae.
Boemo ba ditaba ka morao ho la 15 Pudungwane 2000
Kananelo ya Molao wa 120 wa 1998 wa Manyalo a Setso e simolotse ho sebetsa ka la 15 Pudungwane ka 2002 mme ha hulwa karolo ya 22 ho isa ho ya ya Molao wa Tsamaiso ya Batho ba Batsho, le Molao wa Lenyalo wa Transkei o neng o dumella manyalo a mabedi.
Karolo ya 2 ya Kananelo ya Molao wa Manyalo a Setso e tsepamisa hore lenyalo leo eleng lenyalo le nang le matla le sebetsang ho latela molao wa setso ke lenyalo le teng qalehong ya Molao ona, mme ka mabaka ohle le ananelwa e le lenyalo le sebetsang.
Karolo ya 10 e etsa monyetla wa hore monna le mosadi ba keneng lenyalong la setso ba na le bokgoni ba ho kena lenyalong la sekgowa mmoho haeba ho bona ho se e mong eo eleng molekane lenyalong la setso le motho e mong o sele.
Karolo ya 10 e etsa monyetla wa hore ntle le karolwana ya , ha ho molekane ya keneng lenyalong la sekgowa eo nakong eo, a nang le bokgoni ba ho kena lenyalong le leng le sele, le ha e ka ba lenyalo la sekgowa kapa la setso.
Molao ona o tiisa ke hona hore balekane ba nyalaneng ka lenyalo la setso ba ke ke ba kena lenyalong la sekgowa haeba e mong wa bona e le molekane ya keneng lenyalong la setso le motho e mong. Ntho yona eo e ntse e sebetsa le balekaneng ba keneng manyalong a sekgowa. Ba ke ke ba kena lenyalong la setso.
MEHLODI E ILENG YA HLOLWA:
